Esekiele 46:20-24 BIBELE (SSO89SO)

20. Yaba o re ho nna: “Sebaka sena ke seo ho sona baprista ba tla phehela nyehelo ya tefelo ya sebe, le nyehelo e tlosang molato. Ke moo ba tla phehela le nyehelo ya dijo teng, e le hore ba se ke ba di ntshetsa lebaleng le kantle, esere ba halaletsa setjhaba.”

21. A nkisa lebaleng le kantle, a mpotisa le dihuku tse nne tsa lona, mme hukung e nngwe le e nngwe ka bona lebala.

22. Dihukung tse nne tsa lebala ka leng ho ne ho ena le mabala a mang a manyenyane. Lebala ka leng le ne le etsa bolelele ba dimethara tse mashome a mabedi, le bophara ba dimethara tse leshome le metso e mehlano, mme bone ba wona a ne a lekana.

23. Lebala le leng le le leng la mabala ana a mane le ne le potapotilwe ke lerako la majwe, le nang le maifo a haheletsweng ho lona.

24. Monna eo a re ho nna: “Ena ke mekgoro eo ba sebeletsang ka Tempeleng ba tla phehela mahlabelo a setjheso a setjhaba ka ho yona.”

Esekiele 46