Esekiele 45:6-20 BIBELE (SSO89SO)

6. “ <Haufi le setsha se halalelang, karolo e nngwe e bolelele ba dikilomethara tse leshome le metso e mmedi le halofo, le bophara ba dikilomethara tse pedi le halofo, e tla ba setsha sa motse, moo bana bohle ba Iseraele ba ka ahang teng.

7. “ <Kgosana e tla abelwa naha e ka mahlakoreng a mabedi a setsha sa Tempele le sa motse. Naha ena e tla namela bophirimela le botjhabela, e ikgohle ka bolelele ba e nngwe ya dinaha tse abetsweng merabe ya bana ba Iseraele.

8. Lena e tla ba lefa la kgosana naheng ya Iseraele. Dikgosana tsa ka di ke ke tsa hlola di hatella setjhaba sa ka, mme naha e setseng di tla e arolela ba ntlo ya Iseraele ho ya ka merabe ya bona.

9. “ <Morena Modimo o re: Ho lekane lona mahosana a Iseraele! Fedisang dikgoka le kgatello, le etse se lokileng le se nepahetseng. Kgaotsang ho tlatlapa setjhaba sa ka, ho rialo Morena Modimo.

10. “ <Le be le sekala se nepahetseng, le seroto se nepahetseng, le moritshwana o nepahetseng.

11. Seroto le moritshwana di lekane, e nngwe le e nngwe ya tsona e kene haleshome morifing oo ho lekanngwang ka wona.

12. “ <Digera tse mashome a mabedi ke dikeramo tse leshome le motso o mong; digera tse sekete le makgolo a mabedi ke mina e le nngwe.

13. “ <Nyehelo eo le tla e etsa ke ena: Seroto se le seng ho tse mashome a tsheletseng tsa koro le seroto se le seng ho tse mashome a tsheletseng tsa harese.

14. Nyehelo ya ole e be lefiswana ho a lekgolo.

15. Mohlapeng wa dinku tse makgolo a mabedi, o tswang makgulong a nonneng a naha ya Iseraele, le tla nyehela ka konyana e le nngwe. Ka tsena tsohle le tla etsa nyehelo ya dijo, nyehelo ya setjheso, nyehelo ya teboho, le nyehelo ya tefelo ya sebe, ho rialo Morena Modimo.

16. “ <Setjhaba sohle sa naha se tla etsetsa kgosana ya Iseraele nyehelo ena.

17. Kgosana yona e tla etsa nyehelo ya setjheso, le nyehelo ya dijo, le nyehelo ya dino, mohla mokete, le ha kgwedi e thwasitse, le ka matsatsi a Disabatha, le meketeng yohle e halalelang ya ba ntlo ya Iseraele. Kgosana e tla lokisa nyehelo ya sebe, le nyehelo ya dijo, le nyehelo ya setjheso, le nyehelo ya teboho ho etsetsa ba ntlo ya Iseraele tefelo ya sebe.> ”

18. “ <Morena Modimo o bua tjena: Ka letsatsi la pele la kgwedi ya pele, o tla nka pohwana e se nang sepha, o hlwekise Sehalalelo.

19. Moprista o tla nka madi a phoofolo ya nyehelo e tlosang sebe, mme ka wona a tlotse dikosene tsa menyako ya Tempele, le manakana a mane a mohaolwana wa aletare, le dikosene tsa kgoro ya lebala le kahare.

20. Ka letsatsi la bosupa la kgwedi, o tla etsa jwalo bakeng sa e mong le e mong ya entseng sebe ka baka la bofokodi kapa ka baka la ho se tsebe. Ka mokgwa o jwalo le tla etsetsa Tempele pheko.

Esekiele 45