1. Yaba monna eo o nkisa kgorong e shebileng botjhabela.
2. Ka bona tlotla ya Modimo wa Iseraele e hlaha botjhabela. Lentswe la hae le ne le le jwaloka modumo wa metsi a hwasang, mme lefatshe le phatsima ke tlotla ya hae.
3. Pono eo ke neng ke e bona e ne e ka eo ke neng ke e bone ha Morena a ne a tlilo ripitla motse; le teng e tshwana le dipono tseo ke neng ke di bone lebopong la noka ya Kebare. Yaba ke itihela fatshe ka sefahleho.
4. Tlotla ya Morena ya kena ka Tempeleng ka kgoro e shebileng botjhabela.
5. Jwale Moya wa mphahamisa, wa nkisa lebaleng le kahare, mme tlotla ya Morena ya tlala Tempele.
6. Ha monna eo a ntse a eme pela ka, ka utlwa e mong a bua le nna a le ka Tempeleng.
7. Enwa a re ho nna: “Wena ngwana motho, sebaka sena ke sa terone ya ka le sa bonamelo ba maoto a ka. Mona ke moo ke tla phela teng hara bana ba Iseraele kamehla. Baiseraele kapa dikgosi tsa bona ba ke ke ba hlola ba silafatsa lebitso la ka le halalelang, ba le silafatsa ka bootswa ba bona kapa ka ho epela ditopo tsa dikgosi tsa bona mabitleng a tsona.