12. Ke tla se lobela, ke se hape, ke ntano futuhela dithako tse tsositsweng, le setjhaba se phuthilweng hara baditjhaba, se nang le diphoofolo le matlotlo, se phelang bohareng ba lefatshe.”
13. Sheba le Dedane le bahwedi ba Tarashishe le bahale bohle ba yona, ba tla re ho wena: “Na o tlile ho re lobela? Na o phuthile mabotho a hao ho tla ikgapela silefera le kgauta, le diphoofolo le thepa, le ho inkela kgapo e ngata?” >
14. “Ka baka leo, wena ngwana motho, porofetela Gogo, o re: <Morena Modimo o bua tjena: Mohla setjhaba sa ka sa Iseraele se phelang ka kgotso, na ha o na ho elellwa hoo?
15. O tla tloha haeno, hole leboya, o ena le ditjhaba tse ngata, bohle ba palame dipere, le le lebothohadi le matla.
16. O tla futuhela setjhaba sa ka sa Iseraele jwaloka leru le kwahetseng naha. Ka matsatsi a tlang, wena Gogo, o tla futuhela naha ya ka, e le hore baditjhaba ba tle ba ntsebe ha ke bonahatsa kgalalelo ya ka ka wena Gogo, moo ba ntseng ba bona.
17. “ <Morena Modimo o bua tjena: Na hase wena eo mehleng e fetileng ke ileng ka bua ka wena, ka bahlanka ba ka, baporofeta ba Iseraele? Mohlang oo ba ile ba porofeta ka dilemo tse ngata, ba re ke tla etsa hore o futuhele Baiseraele.
18. “ <Ka tsatsi leo, ha Gogo a futuhela naha ya Iseraele, ho tla ba tjena: Kgalefo ya ka e tla tlokoma, ho rialo Morena Modimo.