Esekiele 37:1-4 BIBELE (SSO89SO)

1. Matla a tswang ho Morena a ntsukutla. Morena a nkuka ka Moya wa hae, a mpea kahara kgohlo e tletseng masapo.

2. A ntsamaisa hohle kahara kgohlo eo, ka bona masapo a mangata haholo, a omeletseng haholo!

3. Morena a mpotsa, a re: “Wena ngwana motho, na masapo aa a ka boela a phela?”Ka araba, ka re: “Morena Modimo, ke wena feela ya tsebang.”

4. Yaba o re ho nna: “Porofetela masapo ana, o re ho wona: <Lona masapo a omeletseng, mamelang lentswe la Morena!

Esekiele 37