Esekiele 36:14-19 BIBELE (SSO89SO)

14. ka baka leo, o ke ke wa hlola o eja batho, leha e le ho ja bana ba setjhaba sa hao, ho rialo Morena Modimo.

15. Ha nka ke ka hlola ke etsa hore o utlwe baditjhaba ba o soma, kapa ditjhaba di o nyefola, kapa ka etsa hore setjhaba sa heno se we, ho rialo Morena Modimo.> ”

16. Lentswe la Morena la fihla ho nna hape, la re:

17. “Wena ngwana motho, ha setjhaba sa Iseraele se ne se sa phela naheng ya habo sona, se ile sa e silafatsa ka boitshwaro ba sona le ka diketso tsa sona. Ho nna boitshwaro ba sona bo ne bo ka sesila sa mosadi ya nang le lehatlelo.

18. Kahoo ke ile ka hlatsetsa kgalefo ya ka hodima sona ka baka la madi ao se ileng sa a tsholla kahara naha, le ka baka la medingwana ya sona, eo se silafaditseng naha ka yona.

19. Ke ile ka se qhalanyetsa hara baditjhaba, mme sa qhalanngwa hara dinaha; ka se ahlolela boitshwaro ba sona, le diketso tsa sona.

Esekiele 36