Esekiele 34:19-25 BIBELE (SSO89SO)

19. Ebe mohlape wa ka o tla fula jwang boo le bo hataketseng ka maoto a lona, mme o nwe metsi ao le a dukileng ka maoto a lona?”

20. Ka baka leo, Morena Modimo o bua tjena ho bona: “Bonang, nna ka sebele ke tla le ahlola, ke kgethe nku e nonneng ho e otileng.

21. Dinku tsohle tse tsetang le ile la di thesela ka lehlakore le ka lehetla, la ba la di kweba ka dinaka tsa lona, ho fihlela le di qhalanyetsa kantle ho makgulo.

22. Kahoo ke tla pholosa mohlape wa ka, o se hlole o lobelwa, ke ahlole, ke kgethe nku ho nku.

23. Ke tla di nea modisa a le mong, e leng mohlanka wa ka Davida; o tla di alosa, a di fepe, e be modisa wa tsona.

24. Nna Morena ke tla ba Modimo wa tsona, mme mohlanka wa ka Davida, e be kgosana ya tsona. Nna Morena ke buile jwalo.

25. Ke tla etsa selekane sa kgotso le dinku tsa ka, ke fedise dibatana kahara naha, dinku tsa ka di iphelele ka kgotso lehwatateng, di ipothele merung.

Esekiele 34