Esekiele 33:16-28 BIBELE (SSO89SO)

16. Ha ho le se seng sa dibe tseo a ileng a di etsa pele se tla hlola se sa hopolwa. O entse ho lokileng, ho nepahetseng, mme ruri o tla phela.

17. “Empa setjhaba sa heno se re: <Tsela ya Morena ha e a loka,> athe ke tsela ya sona e sa lokang.

18. Ha ya lokileng a furalla ho loka ha hae, a etsa bokgopo, o tla shwa ka baka la bokgopo boo.

19. Empa ha ya kgopo a furalla bokgopo ba hae, a etsa ho lokileng, ho nepahetseng, ka ho etsa jwalo o tla phela.

20. Feela lona ba ntlo ya Iseraele le re: <Tsela ya Morena ha e a loka.> Ke tla ahlola e mong le e mong wa lona ho ya ka ditsela tsa hae.”

21. Ka letsatsi la bohlano la kgwedi ya leshome selemong sa leshome le metso e mmedi sa ho thopuwa ha rona, motho e mong ya neng a ile a phonyoha Jerusalema a fihla ho nna, a re: “Motse o hapilwe!”

22. Ka la maobane, mantsiboya, motho eo a eso ka a fihla ho nna, matla a tswang ho Morena a ne a ile a ntsukutla. Hoseng, motho eo a eso ka a fihla ho nna, Morena a rarolla leleme la ka, ka tseba ho bua.

23. Lentswe la Morena la fihla ho nna, la re:

24. “Wena ngwana motho, setjhaba se ahileng dithakong tsa naha ya Iseraele se re: <Aborahama o ne a le mong to! empa naha ena o ile a e fuwa. Rona re bangata, mme le rona naha ena re e filwe hore e be lefa la rona.>

25. Ka baka leo, ere ho sona: <Morena Modimo o bua tjena: Le ja nama e eso ka e fopha madi; le tshepile medingwana ya lona, le tsholla madi; jwale naha ee e ka ba ya lona jwang?

26. Le tshepile disabole tsa lona, le etsa dintho tse manyala, kaofela ha lona le a feba; jwale naha ee e ka ba ya lona jwang?>

27. “Ere ho sona: <Morena Modimo o bua tjena: Ke a hlapanya, masalla a ahileng dithakong a tla bolawa ka sabole, ba hara naha ke tla ba neela dibatana di ba harole; ba diqhobosheaneng le ba mahaheng ba tla bolawa ke lefu la sewa.

28. Naha ke tla e fetola nanaola, e be lefeella, matla ao e ikgantshang ka wona a fele. Dithaba tsa Iseraele di tla fetoha matswatlare, ha ho ya tla feta ho tsona.

Esekiele 33