Esekiele 32:15-26 BIBELE (SSO89SO)

15. “ <Mohla ke fetolang Egepeta,ke e fetola nanaola,ke fedisa tsohle tse teng ho yona,ke bolaya bohle ba ahileng ho yona,ke hona ba tla tsebahore ke nna Morena.>

16. “Ena ke kodi-ya-malla eo ba tla e binela Egepeta. Basadi ba baditjhaba ba tla e bina, ba llele Egepeta le setjhaba sohle sa yona, ho rialo Morena.”

17. Ka letsatsi la leshome le metso e mehlano la kgwedi selemong sa leshome le metso e mmedi, lentswe la Morena la fihla ho nna, la re:

18. “Wena ngwana motho, llela setjhaba sa Egepeta, ebe o se romela Nqalong ya Bafu mmoho le baradi ba ditjhaba tse ding tse matla, tse theohetseng mohohlong.

19. Ere ho tsona:“ <Eo le mo fetang ka botjakake mang?Theohelang,le yo rapalla hara maqai!>

20. “Setjhaba sa Egepeta se tla shwela hara ba bolailweng ka sabole. Se abetswe sabole, kahoo se hulele ho yona le mabotho wohle a sona.

21. Dinatla tsa bahlabani ba Nqalong ya Bafu di tla bua ka Faro le ba thusanang le yena, di re: <Ba theohetse mona, mme ba rapaletse le maqai a bolailweng ka sabole.>

22. “Asiria e teng le mabotho wohle a yona, e teetswe hare ke mabitla a bahlabani bohle ba yona, ba bolailweng ka sabole.

23. Mabitla a bona a dikgotjheletsaneng tsa mohohlo, a teetse lebitla la Asiria hare. Bohle ba bolailweng ka sabole, ke bona ba kileng ba tshosa batho ba phelang lefatsheng.

24. “Elame le yona e teng, mabotho a yona a teetse lebitla la yona hare. Kaofela ha bona ba bolailwe ka sabole, ba theohela Nqalong ya Bafu e ntse le maqai; bona ba kileng ba tshosa batho ba phelang lefatsheng; jwale ba jere sekgobo sa bona mmoho le ba theohetseng mohohlong.

25. Elame e abetswe diphate hara ba bolailweng le mabotho wohle a yona. E teetswe hare ke mabitla a bona; kaofela ha bona ke maqai a bolailweng ka sabole. Le hoja ba ile ba tshosa batho ba phelang lefatsheng, jwale ba jere sekgobo sa bona mmoho le ba theohetseng lebitleng. Elame e beilwe hara ba bolailweng.

26. “Mesheke le Tubale le tsona di teng, mmoho le mabotho wohle a tsona. Di teetswe hare ke mabitla a bahlabani ba tsona; kaofela ha bona ke maqai a bolailweng ka sabole, le hoja ba ile ba tshosa batho ba phelang lefatsheng.

Esekiele 32