Esekiele 31:6-13 BIBELE (SSO89SO)

6. Nonyana tsohletsa hahela makaleng a yona,batana tsohletsa tswalla tlasa makala a yona,tjhaba tsohle tse kgolotsa dula moriting wa yona.

7. Boholo ba yonabo ne bo kgahleha haholo,le makala a yona a le malelelehadi,hoba motso wa yonao ne o le metsing a mangata.

8. Kedare tsa rapa sa Modimodi ne di sa e fete,le fate tsa hokidi sa ke makala a yona,le difate feela di sa ke makala a yona;botle ba difate tsa rapa sa Modimobo ne bo ke ke ba ka botle ba yona.

9. Ke ile ka e kgabisaka makala a mangata,lefufa la ba la qetafate tsohle tsa Edene,fate tse neng di metserapeng sa Modimo.

10. “ <Ka baka lena, Morena Modimo o bua tjena: Kahobane kedare eo e ile ya iphahamisetsa hodimo, ya tswa ka mahetla hara mahlaku a teteaneng, le kahobane e ne e ikgantsha ka bophahamo ba yona,

11. ke ile ka e leleka, ka neelana ka yona matsohong a eo e leng senatla hara baditjhaba; yena o tla etsa seo a se ratang ka kedare eo ho ya ka bokgopo ba yona.

12. Baditjhaba ba sehloho ho feta ba bang ba tla e rema, ba e tlohele hona moo. Mahlaku a yona a tla wela hodima dithaba le ka dikgohlong, makala a yona a robehele ka dinokeng tsohle tsa naha eo. Ditjhaba tsohle tsa lefatshe di tla tloha moriting wa yona, di ikele.

13. Dinonyana tsohle tse fofang di tla sala sefateng seo se robehileng, dibatana tsohle tsa naha di sale hara makala a sona.

Esekiele 31