Esekiele 28:5-11 BIBELE (SSO89SO)

5. Ka tsebo ya hao e kgolo ya kgwebo,o ile wa atisa matlotlo a hao;ka baka la maruo ao a hao,boikakaso ba hao le bona ba tota.

6. “ <Ka baka leo, Morena Modimo o bua tjena:“ <Kahobane wena ha o inahana,o re o bohlale jwaloka Modimo,

7. ke tla tlisa baditjhaba ba o futuhele,baditjhaba ba sehloho ho feta bohle;ka sabole tsa bonaba tla senya botle ba hao,ba senye le tsohle tsa bohlale ba hao,tlotla ya hao ba e silafatse.

8. Ba tla o dihela ka mohohlong,o shwe lefu le sehloho haholo,lefu la ba shwelang bodibeng,bodibeng ba lewatle.

9. Na ha o shebana le babolai ba hao,o tla nno ipolele, o re o modimo?Ha o le matsohong a babolai ba haoo tla nno be motho, e seng Modimo.

10. O tla bolawa ke baditjhaba,o shwe lefu la maqai,hobane ke buile jwalo, ho rialoMorena Modimo.> ”

11. Lentswe la Morena la boela la fihla ho nna, la re:

Esekiele 28