16. Empa ba seng bakae ba bona ke tla ba pholosa, ba se ke ba bolawa ka sabole, le ke sekoboto, le ke lefu la sewa, e le hore ditjhabeng tseo ba tla ya ho tsona ba tle ba bolele mesebetsi yohle ya bona e nyonyehang, ditjhaba tseo di tle di tsebe hore ke nna Morena.”
17. Lentswe la Morena la fihla hape ho nna, la re:
18. “Wena ngwana motho, dijo tsa hao a di je o thothomela, metsi a hao o a nwe o tlakasela, o tshwenyehile.
19. Ere ho setjhaba sa naha ena: <Morena Modimo o bua tjena ka baahi ba Jerusalema, le ka ba phelang naheng ya Iseraele: Ba tla ja dijo tsa bona ba tshwenyehile, ba nwe metsi a bona ba tshohile, hobane naha ya bona e tla hlakolwa tsohle tse ho yona ka baka la meferefere ya bohle ba phelang ho yona.
20. Metse e tla hloka baahi, naha e fetohe nanaola, mme le tla tseba hore ke nna Morena.> ”
21. Lentswe la Morena la fihla ho nna, la re: