18. Ke nna enwa le bana bao Morena a nneileng bona. Naheng ya Iseraele re dipontsho le ditshupo tse tswang ho Morena wa mabotho, ya ahileng Thabeng ya Sione.
19. Ha batho ba re le yo botsa ho ba buisanang le bafu le ho baloi ba hweshetsang, ba beraberang, na batho ha ba tshwanele ho botsa Modimo wa bona, ho ena le hore ba phelang ba botse bafu?
20. Hlahlobang molao le bopaki ba ka! Haeba ba sa bue ho ya ka dipolelo tsena, ke hobane ha ho na lesedi le ba tjhabelang.
21. Batho ba tla lelera lefatsheng ba tsielehile, ba lapile, mme etlare ha ba lapile ba pote, ba tadime hodimo, ba rohake kgosi ya bona le Modimo wa bona.
22. Jwale ba tla tadima fatshe, ba bone ditsietsi le lefifi, lefifi le hlomolang, mme ba akgelwe lefifing.