9. Na nka fihlisa mosadikgatheng la ho beleha,yaba ke thibelaho tswalwa ha ngwana wa hae?”ho rialo Morena.“Na ke ye ke kwalepopelo ya mosadi,ke e kwale ka nako ya pelehi?”ho rialo Modimo wa hao.
10. “Lona bohle ba ratang Jerusalema,thabang le nyakalle mmoho le yona;lona bohle ba e llelang,thabang haholo mmoho le yona.
11. Matsweleng a yonale tla anya le kgotsofale,le tshedisehe, le mokonye haholo,le thabele ho sisa ha yona.”
12. Morena o bua tjena:“Ke tla e tlisetsa kgotsosa noka e tletseng,ke e tlisetse maruo a ditjhabasa nokana e tletse tswete!E tla le anyesa,e le sike ka matsoho a yona,lona le bapalle mangweleng a yona.
13. Jwalokaha mosadia bobisa ngwana wa hae,le nna ke tla le tshedisa jwalo,ke le tshedise le le Jerusalema.”
14. Ha le bona tsenapelo tsa lona di tla nyakalla,le tlokome jwaloka jwangha bo tlokoma.Bahlanka ba Morenaba tla tseba matla a hae,dira tsa hae tsonadi bone kgalefo ya hae.
15. Bonang,Morena o tla a le hara mollo,kariki tsa hae tsa ntwadi ka setsokotsane,kgalefo ya hae e tlokomango e dihela ka mabifi,malakabe a molloke yona kgalemo ya hae.