10. Metebo ya dikgutshwanee tla hlongwa Sharone,kgohlong ya Akoremakgomo a bothe teng,e le mehlape ya tjhaba sa ka,tjhaba se mpatlang.
11. “Empa ha e le lonaba furallang Morena,ba lebalang thaba ya ka,thaba e halalelang,ba batlang lesehoka ho nyehella Tosa ka dijo,ba nyehellang Sefalabohohoka jwala bo bohale;
12. lona ke tla le abela sabole,bohle le tla kgumamaba le bolaye,hobane ha ke bitsaha le a ka la arabela,ka bua le lonala se ke la mamela.Le entse bokgopomoo ke ntseng ke le bona,la ikgethela dinthotse sa nthabiseng.”
13. Ka baka leo, Morena Modimo o bua tjena:“Bahlanka ba ka ba tla kgora,empa lona le tla lapa;bahlanka ba ka ba tla nwa,empa lona le tla nyorwa;bahlanka ba ka ba tla thaba,empa lona le tla swaba.
14. Bahlanka ba ka ba tla bina,ba bine hobane pelo di nyakaletse;empa lona le tla lla,le lliswe ke pelo tse bohloko,le bokollisweke ho tubeha ha meya ya lona.
15. Le tla siela bakgethwa ba kabitso la lona,bona ba tla le sebedisaha ba etsa thohako;lona, Morena Modimoo tla le bolaya,bahlanka ba haea ba bitse ka lebitso lesele.
16. Ya kopang tlhohonolofatsomona lefatsheng,o tla kopa ho hlohonolofatswake Modimo wa nnete;ya hlapanyang mona lefatsheng,o tla hlapanyaka Modimo wa nnete,hobane tsietsi tsa peledi tla be di lebetswe,le mahlong a kadi se di patehile.”
17. “Bonang,ke bopa mahodimo a matjhale fatshe le letjha,dintho tsa kgaleha di sa tla hopolwa,ha di ka ke tsa hloladi sa nahanwa.
18. Lona thabang, le nyakalle kamehla,le nyakallele tseo ke di bopang.Ke tla bopa Jerusalemae nyakaletseng,baahi ba yonae be ba tletseng thabo.