Esaya 64:1-5 BIBELE (SSO89SO)

1. Oho, hoja wa phetla mahodimowa theoha,thaba di tle di reketleha di o bona!

2. Jwalokaha mollo o hotetsa patsi,metsi a bele,le wena theoha,dira tsa hao di tsebe bitso la hao,o etse hore tjhaba di thothomeleha di o bona!

3. Ha o ne o etsa tse tshosang,tseo re neng re sa di lebella,o ile wa theoha,thaba tsa reketla ha di o bona.

4. Ho tloha mehleng ya kgalekgaleha ho ya kila utlwa,ha ho ya kila bonaModimo e mong ntle ho wena,Modimo ya thusangba mo tshepileng.

5. O thusa ba etsang ho loka,ba ho etsang ba thabile,bona ba hopolang ditsela tsa hao.Leha o no halefilere nnile ra etsa dibe;ebe jwale re ka pholoswa jwang?

Esaya 64