Esaya 59:15-19 BIBELE (SSO89SO)

15. E, nnete e fela e lahlehile,ya furallang bokgopoo etswa hampe.Tsena tsohle Morena a di bona,a se ke a thabiswa ke bosiyo ba toka.

16. Morena a bona hore ha ho na motho,a makala ha a bonaho se ya kenang dipakeng;ka matla a hae a hlola dira tsa hae,ho loka ha hae ha mo tshehetsa.

17. Ho loka ha sireletsa sefuba sa hae,hloohong a rwalakatiba ya tshepe ya pholoho;a apara diaparo tsa boiphetetso,tjheseho ya eba yona kobo ya hae.

18. O tla ba putsaho ya ka diketso tsa bona,a halefele dira tsa haea be a di otle,ba dihlekehlekenga ba nee moputso wa bona.

19. Bitso la Morena le tla tshajwa,le tshajwe ho tloha bophirimela,tlotla ya hae e tshajwe,e tshajwe ho tloha botjhabela.Ha sera se futuha jwaloka sekgohola,Moya wa Morenao tla se lelekela hole.

Esaya 59