Esaya 53:1-8 BIBELE (SSO89SO)

1. Ke mang ya dumelangseo re se bolelang?Tsoho la Morenale bonahaditswe ho mang?

2. Mohlanka wa Morenao metse pela hae jwaloka lehlomela,jwaloka motso o melangmobung o omeletseng.O na hloka sebopehokapa bokgabane ba ho re hohela,ha re mo tadimabopeho sa hae se sa re kgahle.

3. O ile a nyediswa,a furallwa ke batho,ya eba motho wa mahlomola,ya tsebang mahloko.A tshwana le eo bathoba tshabang le ho mo tadima;o ile a nyediswa,ra se ke ra mo natsa.

4. Ruri o ipelesitse mahloko a rona,malwetse a ronale wona a inkela wona,empa rona ra hopolae le ya otlwang, ya shapuwang,le ho hlokofatswa ke Modimo.

5. O ila hlajwaka baka la ditshito tsa rona,a tetetswaka baka la dibe tsa rona,kotlo e re tlisetsang kgotsoya mo wela hodimo,ra fodiswa ke maqeba a hae.

6. Rona bohlere tshwana le dinku tsa malahleha,motho ka mongo iketse ka tselana ya hae,Morena o mmelesitse makgopoa rona bohle.

7. O ila tlatlapuwa,a ikokobetsa ha a hlokofatswa,empa ha ho letholeo a ila le bua;a qhojwa sa konyanaha e iswa tlhabong,mme jwalokaha nku e sa lleha e kutwa,le yena ha ho letholeo a ila le bua.

8. A kgannwa ka dikgoka,a ahlolwa ntle ho toka,ba leloko la haeba se ke ba mo natsa.A tloswa hara ba phelangba fatshe lena,a bolawa ka baka la makgopoa tjhaba sa ka.

Esaya 53