11. Balopollwa ba Morena ba tla kgutla,ba kene Sione ba bina ka nyakallo,thabo ya kamehla yohlee be mefapahlooho ya bona,thabo le nyakallo di ba aperele,maswabi le masisapelowona a ba tlohele.
12. “Nna, nna ke inotshi,ke nna ya le tshedisang.O mang wena o tshabang batho,dibopuwa tse shwang?O tshabang bathoba itshwanelang le jwang feela?
13. O leballang Morena,e leng Mmopi wa hao,yena ya ileng a ala mahodimo,a ba a rala metheo ya lefatshe?O phelelang ka tshabo,ka matsatsi wohle,ka baka la kgalefo ya mohatelliya rerileng ho o timetsa?E kae kgalefo ya mohatelli eo?
14. Bathopuwa ba matswalongba kgatheng la ho lokollwa,ha ba ka ke ba shwelaka tjhankaneng ya bona,ha ba ka ke ba hlokaleha e le bohobe.
15. “Ke nna Morena Modimo wa hao,ya fuduhang lewatlehore maqhubu a lona a hwase;Morena wa mabothoke lona lebitso la hae.
16. Dipolelo tsa kadi tla tswa molomong wa hao,ke o sireleditseka moriti wa seatla sa ka,ke nna ya beileng mahodimotulong tsa wona,ke nnaya radileng metheo ya lefatshe,ke nna ya reng ho Sione:<O setjhaba sa ka.> ”
17. Tsoha! Tsoha!Ema wena Jerusalema,wena ya nweleng senwelo sa kgalefo,sa kgalefo ya Morenase le atleng sa hae,wena ya minyeletsang maritsa,maritsa a jwala bo tsekedisang batho.
18. Hara bohle ba mala a hae,ha ho ya mo tataisang,hara bao a ila ba hodisa,ha ho ya mo tshwarang ka letsoho.