Esaya 49:8-13 BIBELE (SSO89SO)

8. Morena o bua tjena:“Ka nako ya mohauke ile ka o araba,ka tsatsi la ho pholoswake ile ka o thusa;ka o boloka hore ka wenake etse selekane le ditjhaba,hore ho tle ho kgutliswe naha,ho ajwe lefa la yona le senyehileng.

9. Ho batshwaruwa o tle o re:<Tswang!>Ho ba lefifing o re:<Tswelang leseding!>Ba tla fula kathoko ho ditsela,ba fule jwaloka dinku,makgulo a bonaa be maralleng wohle.

10. Ha ba ka ke ba lapakapa ba nyorwa,kapa ba tjheswa ke motjhesowa tsatsi la lehwatata.Ya ba utlwelang bohlokoo tla ba tataisa,a ba ise pela didiba tse kollang.

11. “Thabeng tsohle tsa kake tla etsa ditsela,mmila ya ka e katwee tle e phahame.

12. Bonang! Ba tla tla ba etswa hole,ba bang leboya,ba bang bophirimela,ba bang ba etswanaheng ya Sinime.”

13. Lona mahodimo binang ka thabo,wena lefatshe nyakalla,lona dithaba binang ka nyakallo!Morena o tshedisa setjhaba sa hae,o hauhela tjhaba sa hae se tujwang.

Esaya 49