Esaya 49:5-9 BIBELE (SSO89SO)

5. Morena ya nkgethetsengho ba mohlanka wa hae,a nkgetha ke sa le popelong ya mme,hore ke kgutlisetse Jakobo ho yena,ke bokelle tjhaba sa hae sa Iseraele,hobane mahlong a hae ke a tlotleha,ke Modimo wa ka,ke yena matla a ka.

6. Jwale Morena o re:“Ke nthwana e fokolanghore o be mohlanka wa ka,o kgutlise merabe ya Jakobo,o kgutlise bana ba Iseraelebao ke ba babaletseng.Ke tla o etsa lesedi ho baditjhaba,o tlo fihlise ho pholosa ha kapheletsong tsa lefatshe.”

7. Morena, Molopolli wa Iseraele,yena Ya Halalelang,o bua tjena ho mohlanka wa babusi,ho ya ileng a nyediswa,a nyonywa ke ditjhaba:“Kgosi di tla o bona,di eme ka maoto,mahosana le wona a tla o obamela,ka baka la Morena,yena ya tshepahalang,Ya Halalelang wa Iseraele,ya o kgethileng.”

8. Morena o bua tjena:“Ka nako ya mohauke ile ka o araba,ka tsatsi la ho pholoswake ile ka o thusa;ka o boloka hore ka wenake etse selekane le ditjhaba,hore ho tle ho kgutliswe naha,ho ajwe lefa la yona le senyehileng.

9. Ho batshwaruwa o tle o re:<Tswang!>Ho ba lefifing o re:<Tswelang leseding!>Ba tla fula kathoko ho ditsela,ba fule jwaloka dinku,makgulo a bonaa be maralleng wohle.

Esaya 49