Esaya 43:2-12 BIBELE (SSO89SO)

2. Ha o tshela hara madibake tla ba le wena;ha o tshela dinokaha di ka ke tsa o nka.Ha o tsamaya hara molloha o ka ke wa tjha,malakabe ha a ka ke a o tjhesa.

3. Ke nna Morena Modimo wa hao,Ya Halalelang wa Iseraele,Mopholosi wa hao;ke fana ka Egepetahore ke o lopolle,ke fana ka Kushe le Sebabakeng sa hao.

4. Kaha o bile ntho ya bohlokwa,o hlompheha mahlong a ka,hobane ke o rata,ke tla fana ka bathobakeng sa hao,ke fane ka ditjhababakeng sa bophelo ba hao.

5. O se ke wa tshaba,hobane ke na le wena;ditloholo tsa haoke tla di lata botjhabela,ke o bokelle o etswa bophirimela.

6. Ho batho ba ka leboya ke tla re:<Neelanang ka bona!>Ho ba ka borwa ke re:<Le se ke la hana ka bona!>Kgutlisang bara ba kaba etswa hole,le baradi ba kaba dipheletsong tsa lefatshe,

7. e leng bohle ba ipitsangka lebitso la ka,bao ke ba bopileng hore ba ntlotlise,bao ke ba bopilengka ba ka ba etsa.”

8. Tlisang ba foufetsengempa ba ena le mahlo,bao e leng ditholoempa ba ena le ditsebe.

9. Matjhaba wohlea phutheha hammoho,ditjhaba le tsona di a kgobokana;ke mang hara tsonaya boletseng tsee,a ba re bolella tsa kgalekgale?A ba ke ba tlisedipaki tsa bona mona,di tle di pake hore ba nepile,e le hore di ba utlwe,di re: “Ke nnete!”

10. “Wena Iseraele, o paki ya ka,”ho rialo Morena,“o mohlanka wa kaeo ke mo kgethileng,o tle o tsebe, o dumele ho nna,mme o utlwisisehore ke nna Modimo.Ha ho modimoo bopilweng pele ho nna,kapa ha eba le o mongkamorao ho nna.

11. “Nna, nna ke inotshi, ke Morena,kantle ho nna ha ho Mopholosi.

12. Ke nna ya senotseng,ka pholosa, ka phatlalatsa,ke nna, e seng modimo o mong oseleo hara lona.Lona le paki tsa kahore ke nna Modimo,”ho rialo Morena.

Esaya 43