Esaya 41:5-10 BIBELE (SSO89SO)

5. Ba dihlekehlekeng ba ile ba bona,mme ba kenwa ke tshabo,ba pheletsong tsa lefatshebona ba thothomela,yaba ba a tla, ba atamelana,

6. motho ka mongo thusana le mohahabo,motho ka mongo re ho ngwanabo: “Matlafala!”

7. Kahoo sebetlise kgothatsa lelala la kgauta,ya photlang ka notoo kgothatsa sefuthi,o re ho sona: “E kopane hantle!”O kgokgothela modimo wa bohataka dipekere, e le hore o tiye,o se ke wa ketoha.

8. “Empa wena Iseraele,o leng mohlanka wa ka,wena Jakobo,eo ke mo kgethileng,wena tloholo sa Aborahama,motswalle wa ka,

9. ke o latile pheletsong tsa lefatshe,ka o bitsao le qoleng tse hole tsa lona,ka re ho wena:<O mohlanka wa ka,>ke ikgethetse wena,ha kea o lahla.

10. O se ke wa tshaba,hobane ke na le wena,o se tsielehe,hobane ke Modimo wa hao.Ke tla o matlafatsa,ke be ke o thuse,ke o tshehetseka tsoho la ka le letona,ka tsoho le letonale etsang ho loka.

Esaya 41