Esaya 40:17-25 BIBELE (SSO89SO)

17. Tjhaba tsohle ke lefeela ho yena,o di tadima e le mafeelaa se nang thuso.

18. Jwale Modimole ka mo lekanya le mang?Hona le ka re o tshwana le mang?

19. Setsebi se etsa setshwantshosa modimo wa bohata,ebe lelala le se maneha kgauta,le se etsetse ketane tsa silefera.

20. Mofutsana ya sitwangho etsa nyehelo e jwalo,o kgetha sefatese ke keng sa ba sa bola;a batle setsebihadi sa mohlalefiho mo etsetsa setshwantshosa modimo wa bohata,se ke keng sa wa.

21. Na ha le tsebe,kapa ha le eso utlwe?Ha le a ka la tsebiswaho tloha tshimolohong?Ha le eso utlwisisehaesale lefatshe le thewa?

22. Modimo o dutse teronengkahodima lefatshe,baahi ba lonaba tshwana le mehlwanyane.Mahodimo o a sarolotsejwalokaha eka ke lesira,a a ala sa tenteeo ho phelwang ho yona.

23. Mahosana o a etsa mafeelafeelane,babusi ba fatshe lenaa ba fetole lefeela.

24. Ba jwaloka sethopose qetang ho hlongwa,seo metso ya sona e eso ka e tiya;ha moya wa Modimo o fokase ye se pone,setsokotsane se se fefolejwalokaha eka ke mmoko.

25. “Jwale le ka ntekanya le mang?La re thaka ka yena ke mang?”ho rialo Ya Halalelang.

Esaya 40