Esaya 39:3-8 BIBELE (SSO89SO)

3. Yaba moporofeta Esaya o fihla ho kgosi Hesekiya, o re ho yena: “Banna baa ba itseng? Ba itse ba tswa kae?”Hesekiya a araba, a re: “Ba tlile ho nna ba etswa naheng e hole, Babilona.”

4. Moporofeta Esaya a re: “Ba bone eng ka tlung ya hao?”Hesekiya a araba, a re: “Ba bone tsohle tse ka tlung ya ka. Ha ho letho ka matloleng a ka leo ke sa ba bontshang lona.”

5. Yaba Esaya o re ho Hesekiya: “Mamela lentswe la Morena ya matla wohle:

6. <Mehla e a tla eo ka yona tsohle tse ka tlung ya hao, le tsohle tseo bo-ntatao ba di bolokileng ho fihlela jwale, di tla iswa Babilona. Ha ho letho le tla sala,> ho rialo Morena.

7. Ba bang ba bara ba hao, ba tla tswalwa ke wena, ba tla thopuwa, e yo ba bahlanka ka tlung ya kgosi ya Babilona.”

8. Yaba Hesekiya o re ho Esaya: “Lentswe la Morena, leo o le boletseng, le lokile.” Ka pelong ya hae o ne a re: “Mehleng ya ka re tla phela ka kgotso, re sireletsehile.”

Esaya 39