4. Lentswe la Morena la fihla ho Esaya, la re:
5. “Eya, o bolelle Hesekiya, o re: <Morena Modimo wa ntataomoholo Davida, o bua tjena: Ke utlwile thapelo ya hao, mme ke bone meokgo ya hao. Ke tla eketsa ditshiu tsa hao ka dilemo tse leshome le metso e mehlano.
6. Wena le ba motse ona, ke tla le namolela matsohong a kgosi ya Asiria. Motse ona ke tla o sireletsa.
7. “ <Pontsho ya hore Morena o tla phethisa seo a se buileng ke ena:
8. Moriti wa letsatsi o hodima letlapa le supang nako, le entsweng ke Akase, ke tla o tjhetjhisetsa morao ka mehato e leshome.> ” Yaba moriti o tjhetjhella morao ka mehato e leshome eo o neng o se o e tsamaile.
9. Yare hoba Hesekiya, kgosi ya Juda, a fole, a ngola sefela sena, a re:
10. “Ke ne ke itse:Ke tla falla ke sa le motjha,ke theohele kgorongya Nqalo ya Bafu,hobane ke amohilwelemo tsa bophelo ba ka,tse sa setseng.”
11. Ka ba ka re:“Ha ke sa tla bona Morenafatsheng la ba phelang,le motho ha ke sa tla mmonahara baahi ba lefatshe.
12. Leaho la ka le qhaqholotswe,le tlositswe ho nna,le qhaqholotswejwaloka motebo wa modisana.Tshiu tsa ka di kgaotswesa selohi se kgaola dikgwele,kgwele tse lohang lesela,tsa ba tsa kgaolwajwalokaha tshwele e kgaolwa.Ka dinako tsohleke ne ke re o tla ntimetsa.