Esaya 38:17-22 BIBELE (SSO89SO)

17. Bohloko ba pelo ya kabo fetohile pholoho,rato la haole mphemisitse lemena la timelo,o furaletse dibe tsohle tsa ka.

18. Nqalo ya Bafu e ke ke ya o rorisa,lefu le ke ke la o binela pina,ba theohelang lebitlengha ba ka ke ba o tshepa.

19. Ke ya phelang, ya phelang feela,ya ka o rorisang jwaloka nna.Ntata bana o ba rutatsa botshepehi ba hao.

20. Morena ke yena ya tla mpholosa;ka matsatsi wohlea ho phela ha rona,re tla mminela ka diletsatse nang le dikgwele,re mminelere le ka Tempeleng ya hae.”

21. Yaba Esaya o re: “Tlisang polokwana ya mangangajane a feiye, le e tlamelle hodima lethopa, mme o tla fola.”

22. Hesekiya a botsa, a re: “Pontsho ya hore ke tla nyolohela Tempeleng ya Morena e tla ba efe?”

Esaya 38