Esaya 37:8-16 BIBELE (SSO89SO)

8. Ha molaodi wa ntwa a utlwela hore kgosi ya Asiria e tlohile Lakishe, yaba o a kgutla, mme a fumana kgosi e futuhetse Lebena.

9. Eitse ha kgosi ya Asiria e utlwa hore Tirehaka, kgosi ya Kushe, o a e futuhela, ya boela ya romela maqosa ho Hesekiya, ya re:

10. “Le bolelle Hesekiya, kgosi ya Juda, le re: <O se ke wa thetswa ke modimo wa hao, oo o o tshepileng, ha o re Jerusalema e ke ke ya hapuwa ke kgosi ya Asiria.>

11. O utlwile seo dikgosi tsa Asiria di se entseng dinaheng tsohle, ka ho di timetsa ho hang; jwale wena o tla phonyoha jwang?

12. Na medimo ya ditjhaba tseo bo-ntataomoholo ba di timeditseng e ile ya di pholosa, e leng medimo ya Gosane, le Harane, le Resefe, le medimo ya setjhaba sa Edene, se neng se le Telasara?

13. E kae kgosi ya Hamate le kgosi ya Arepade le kgosi ya motse wa Sefarafaime le ya Hena le ya Ifa?”

14. Hesekiya a amohela lengolo leo a le neilweng ke maqosa ao, a le bala. Yaba o nyolohela ka Tempeleng ya Morena, o fihla a phutholla lengolo leo kapele ho Morena.

15. A rapela Morena, a re:

16. “Oho, Morena ya matla wohle, Modimo wa Iseraele, wena eo terone ya hao e leng pakeng tsa dikerubime, ke wena o le mong feela o leng Modimo wa mebuso yohle ya lefatshe; ke wena ya entseng lehodimo le lefatshe.

Esaya 37