Esaya 35:7-10 BIBELE (SSO89SO)

7. Hlabathe le tjhesangle tla fetoha letsha,diba di kopotse mobung o ommeng.Moo e ne le dilao tsa diphokojweho tla mela jwang, le lehlaka, le lodi.

8. Mmila o moholo o tla ba teng moo,o rewe lebitso la Tsela ya Kgalalelo.Baetsadibe ba ke keba tsamaya ka yona,e tla ba ya ba lokelang ho e tsamaya,ba ke ke ba lahleha leha e le dithoto.

9. Tseleng tau e ke ke ya eba teng,batana se bohalese ke ke sa e tsamaya,ha ho le se sengse tla bonwa ho yona,balopollwa ke bona feelaba tla e tsamaya.

10. Balopollwa ba Morenaba tla kgutla ka yona,ba kene Sione ba bina ka nyakallo,thabo ya kamehlae be mefaphahlooho ya bona,thabo le nyakallo di ba aperele,maswabi le masisipelowona a ba tlohele.

Esaya 35