Esaya 35:1-8 BIBELE (SSO89SO)

1. Lehwatata le letswatlaredi tla thaba,lefeella le nyakalle,palesa di thunye.

2. Hwatata le tla thunya haholo,le bine ka thabo, le fumane tlotlae kang ya Lebanone,botle e ke ba Karamelele ba Sharone;batho ba tla bona tlotla ya Morena,ba bone le botleba Modimo wa rona.

3. Matlafatsang matsoho a fokolang,le tiise le mangwele a rerekelang;

4. ho ba pelo di tshohileng le re:“Matlafalang, le se ke la tshaba,bonang, Modimo wa lonao tla ho le phetetsa,Modimo ke yenaya tla otla dira tsa lona,Modimo o tla tla, a le pholose.”

5. Mahlo a difofu a tla tutubollwa,ditsebe tsa bo-tutu di thibollwe;

6. sehlotsa se tla tlolase tlole jwaloka kgama,leleme la semumu le bine ka thabo.Metsi a tla phorosela hara lefeella,melatswana e phalle hara lehwatata.

7. Hlabathe le tjhesangle tla fetoha letsha,diba di kopotse mobung o ommeng.Moo e ne le dilao tsa diphokojweho tla mela jwang, le lehlaka, le lodi.

8. Mmila o moholo o tla ba teng moo,o rewe lebitso la Tsela ya Kgalalelo.Baetsadibe ba ke keba tsamaya ka yona,e tla ba ya ba lokelang ho e tsamaya,ba ke ke ba lahleha leha e le dithoto.

Esaya 35