1. Morena o re:“Le madimabe hakaakangbana ba mahlabaphiyo,ba phethang mereroeo e seng ya ka,ba etsang dilekaneba se na Moya wa ka,ba etsang hore dibe di tote!
2. Le theohela Egepetale sa ntherisa,tshireletso le yo e batla ho Faro,le tshabele moriting wa Egepeta.
3. Tshireletso ya Faroe tla le hlabisa dihlong,ho tshabela moriting wa Egepetae be ho tlontloloha.
4. Leha mahosana a bonaa se a le Sowane,maqosa a bonaa sa fihlile Hanese,
5. bohle ba tla hlabiswa dihlongke tjhaba seo,hoba tjhaba seoha se ba thuse ka lethoha se ba tlisetse thuso,ha se ba etsetse molemo,haese ho ba tlisetsa maswabile ho tlontloloha.”
6. Bona ke boporofeta malebana le dibatana tsa naha e ka Borwa:Naheng ya ditsietsile ya mahlomola,naheng ya ditau le ditauhadi,ya bo-marabele ya noha tse mahloko,tse tjhalametsang,maqosa a belesitse maruo a wonahodima ditonki,matlotlo a wonahodima dilota tsa dikamele,a a isetsa tjhaba senase se nang thuso,