Esaya 22:12-18 BIBELE (SSO89SO)

12. Ka tsatsi leo Morena,Morena wa mabotho, a le bitsa,a le bitsetsa ho llale ho ba bofifing,ho beola moririle ho apara tse mahwashe.

13. Empa ya eba thabo,ya eba nyakallo,ha hlajwa makgomo,ha hlajwa manku,ha jewa dinama, ha nowa veine!“A re jeng, re inwelleng,”lona la rialo,“hobane hosasanere tla be re shwele!”

14. Morena wa mabotho o ile a senola tsena, moo ke utlwang, a re: “Ruri bokgopo bona bo ke ke ba tshwarelwa ho fihlela le eshwa,” ho rialo Morena Modimo wa mabotho.

15. Morena Modimo wa mabotho, a bua, a re:“Eya ho Shebena,e leng ramatlotlo,le molebedi wa ntlo ya kgosi,o re ho yena:

16. <O etsang moo,ka tumello ya mang,ha o ntse o itjhekela lebitla,o le tjheka moo ho phahamileng,o ipetlela lebitlala phomolo lefikeng?>

17. “Bona, Morena o kgathengla hoo tshwara,a o akgele hole, wena senatla towe!

18. Ruri o tla o phuthaphuthaka thata sa pidikwane,a o lahlele hara naha e nammeng.O tla ya shwela naheng eo,le kariki tseo o itlotlang ka tsonadi felle moo,wena ya tlontlolotsenglapa la monga hao.

Esaya 22