14. Morena o ba kentse moya,moya wa pherekano,Egepeta e thekeselaho tsohle tseo e di etsang,jwalokaha letahwale thelliswa ke mahlatsa a lona.
15. Ya ka thusang Egepeta ha a yo,e ka ba hlooho kapa mohatla,kala la palema kapa lehlaka.
16. Mohla tsatsi leo, Baegepeta e tla ka basadi. Ba tla tlakasela ke ho tshaba letsoho leo Morena wa mabotho a ba phahamiseditseng lona.
17. Ba naha ya Juda ba tla tshosa Egepeta. E mong le e mong ha a utlwa tsa naha ya Juda o tla tshoha ka baka la seo Morena wa mabotho a se reretseng Egepeta.
18. Mohla tsatsi leo, metseng e mehlano ya naha ya Egepeta, batho ba tla bua puo ya Bakanana, ba hlapanye ka lebitso ba Morena wa mabotho. O mong wa metse eo o tla bitswa Motse wa Timelo.