Esaya 19:1-8 BIBELE (SSO89SO)

1. Bona ke boporofeta malebana le Egepeta:Bonang Morena o tla Egepeta,o tla a kaletse leru le potlakileng,medimo ya bohata ya Egepetae thothomela pela hae,Baegepeta le bonaba tlalwa ke tshabo.

2. “Ke tla qabanyaMoegepeta le Moegepeta,ngwanabo mothoa lwantshane le ngwanabo,motho a lwantshanele ya ahisaneng le yena,motse o futuhele motse,mmuso o futuhele o mong.

3. Baegepetaba tla lahlehelwa ke tshepo,merero ya bona ke e nyopise.Ba tla ipiletsaho medimo ya bohata le ho dinohe,ba ipiletseho mathuela le ho baloi.Matsohong a mmusi ya lonya,

4. ke tla neelana ka Baegepeta,ba buswe ke kgosi e sehloho,”ho rialo Morena, Morena wa mabotho.

5. Metsi a ka nokeng ya Nilea tla fela,noka eo e pshe, e omelle,

6. melapo ya yona e nkge, e re phu!melatswana ya yonale yona e pshe, e omelle.Hlaka la yona le lodi di tla pona,

7. le dijalo tsohletse mabopong a noka eo,le tse metsengmoo e kenang lewatleng.Masimo wohle a maboponga noka eo a tla omella,moya o fefole mobuho sale ho se na letho.

8. Batshwasi ba ditlhapi ba tla lla,le bohle ba akgelang dilopenokeng ya Nile, ba lle,le bona ba akgelangmatlowa metsing ba tlallwe.

Esaya 19