17. Sedi la Iseraelele tla fetoha mollo,Ya Halalelang wa haea fetohe lelakabele tla tjhesa meutlwale hlabahlabane,le di tjhese ka tsatsi le le leng.
18. Mokgabo wa meru ya yonale wa masimo a nonneng,Morena o tla o timetsaho hang ka malakabe,sa ha mokudi a fella dikobong.
19. Fate tsa meru ya yonadi tla sala di le mmalwana,hoo le ngwanaa ka tsebang ho di bala.
20. Mohla tsatsi leo,masalla a Iseraele,ba ntlo ya Jakoboba ileng ba phonyoha,ha a sa tla hlola a tshepaya ile a a otla,empa a tla tshepa Morena ka nnete,yena Ya Halalelang wa Iseraele.
21. Masalla a tla boela a kgutla,masalla a Jakoboa kgutlele ho Modimo ya matla.
22. Leha tjhaba sa hao, wena Iseraele,se ka hlabathe la lewatle,ke masalla feelaa tla boela a kgutla.Morena o se a laotse timetso,e tla se wela hodimo e le ka toka.
23. Morena, Morena wa mabotho,o tla phethahatsa timetsoe laoletsweng naha yohle.
24. Ka baka leo, Morena,Morena wa mabotho, o re:“Lona tjhaba sa kase phelang Sione,le se ke la tshaba Baasiria,bona ba le otlang ka molamu,ba le phahamisetsang kotojwalokaha Egepeta e ile ya etsa.
25. Haufinyane ho le halefela ha kaho tla fela,kgalefo ya kae tobane le ho timetswa ha bona.”
26. Morena wa mabothoo tla ba hweba ka phafa,jwaloka mohla a otlang Bamedianefikeng la Orebe.Molamu wa hae o tla o phahamisahodima lewatle,jwalokaha a na o phahamisehodima Egepeta.
27. Mohla tsatsi leo,o tla hlohlollwa mojaro wa bona,joko ya bonae tloswe molaleng wa hao.
28. Sera se hapile Aiata,sa pholletsa hara Migerone,sa boloka thoto ya sona Mikemase.