Esaya 10:16-23 BIBELE (SSO89SO)

16. Ka baka leo, Morena,Morena wa mabotho,o tla etsa horekwankwetla tsa kgosi di tsete,bakeng sa tlotla ya yonaho hotetswe molloo tukang malakabe.

17. Sedi la Iseraelele tla fetoha mollo,Ya Halalelang wa haea fetohe lelakabele tla tjhesa meutlwale hlabahlabane,le di tjhese ka tsatsi le le leng.

18. Mokgabo wa meru ya yonale wa masimo a nonneng,Morena o tla o timetsaho hang ka malakabe,sa ha mokudi a fella dikobong.

19. Fate tsa meru ya yonadi tla sala di le mmalwana,hoo le ngwanaa ka tsebang ho di bala.

20. Mohla tsatsi leo,masalla a Iseraele,ba ntlo ya Jakoboba ileng ba phonyoha,ha a sa tla hlola a tshepaya ile a a otla,empa a tla tshepa Morena ka nnete,yena Ya Halalelang wa Iseraele.

21. Masalla a tla boela a kgutla,masalla a Jakoboa kgutlele ho Modimo ya matla.

22. Leha tjhaba sa hao, wena Iseraele,se ka hlabathe la lewatle,ke masalla feelaa tla boela a kgutla.Morena o se a laotse timetso,e tla se wela hodimo e le ka toka.

23. Morena, Morena wa mabotho,o tla phethahatsa timetsoe laoletsweng naha yohle.

Esaya 10