1. Ena ke pono eo Esaya, mora wa Amose, a neng a e senolelwe mabapa le Juda le Jerusalema, mehleng ya ha ho busa Usiya le Jotame le Akase le Hesekiya, dikgosi tsa Juda.
2. Lona mahodimo mamelang!Wena lefatshe thea tsebe!Morena o buile, a re:“Ke otlile bana,ke ba hodisitse,empa jwale ba mphetohetse.
3. Pholo e tseba monga yona,tonki e tseba sejelo sa yona,empa Iseraele yena o hloka tsebo,tjhaba sa ka sonaha se na kutlwisiso.”
4. Jo! tjhaba sa baetsadibese tletseng bokgopo!Tloholo tsa ba kgopo,bana ba bodileng!Ba furaletse Morena,ba nyedisitseYa Halalelang wa Iseraele,ba fela ba mo furaletse.
5. Le sa tla boela le otlwa hokae,ha le ntse le pheella ho mo fetohela?Hlooho yohle e se tletse maoma,mmele wohle le wona o a kula.