3. Mamela he, wena Iseraele, mme o hlokomele ho e phetha, e le hore o tle o atlehe, mme o ngatafale haholo, ha o le naheng e phallang lebese le mahe a dinotshi, jwalokaha Morena Modimo wa bo-ntatao, a ile a o tshepisa.
4. “Mamela, Iseraele! Morena ke Modimo wa rona, ke yena Morena a le mong feela.
5. O tla rata Morena Modimo wa hao, ka pelo ya hao yohle, le ka moya wa hao wohle, le ka matla a hao wohle.
6. Mantswe ana ao ke o laelang wona hona kajeno a be ka pelong ya hao.
7. O a rute bana ba hao ka hloko, o bue ka wona ha o dutse ka tlung ya hao, leha o tsamaya tseleng, leha o paqame, leha o tsoha.
8. Mantswe ana o a tlamelle letsohong la hao e le pontsho, a be jwaloka sekola phatleng ya hao.
9. O a ngole dikoseneng tsa mamati a hao, le hodima dikgoro tsa motse wa hao.
10. “Ha Morena Modimo wa hao, a se a o fihlisitse naheng eo a ileng a e hlapanyetsa bo-ntatao Aborahama, le Isaka, le Jakobo, mme a o neile metse ya teng e meholo, e metle, eo wena o sa kang wa e haha;
11. le matlo a tletseng dintho tsohle tse molemo, tseo o sa kang wa di kenya ka ho wona; le mafudu ao o sa kang wa a tjheka; le masimo a morara, le difate tsa mohlwaare, tseo o sa kang wa di lema, wena o tla ja, o kgore.
12. Jwale o itlhokomele, esere wa lebala Morena ya o ntshitseng naheng ya Egepeta, moo o neng o le lekgoba teng.
13. “O tshabe Morena Modimo wa hao, o sebeletse yena, o ikane ka lebitso la hae.
14. O se ke wa latela medimo e meng, ya ditjhaba tse o potapotileng,
15. esere kgalefo ya Modimo wa hao ya o tlokomela, a o timetsa lefatsheng, hobane Morena Modimo wa hao, ya phelang le wena, ke Modimo ya boulelang.
16. “O se ke wa leka Morena Modimo wa hao, jwalokaha o ile wa mo leka ha o le Masa.
17. Melao ya Morena Modimo wa hao, le ditemoso tsa hae, le ditaelo tsa hae, tseo a o laetseng tsona, o di boloke ka hloko.
18. Etsa ho lokileng le ho hotle mahlong a Morena, e le hore o tle o atlehe, o tsebe ho kena naheng e ntle, eo Morena a e hlapanyeditseng bo-ntatao, mme o e rue.