Dipolelo 32:8-26 BIBELE (SSO89SO)

8. Ha Radiphahama a aba,a abela matjhaba dinaha,a arola bana ka merabe ya bona,a na a sehela ditjhaba meedi,ho ya ka palo ya bana ba Iseraele.

9. Seabo sa Morena ke setjhaba sa hae,Jakobo ke karolo ya lefa la hae.

10. “A na a mo fumanaa lelera lehwatateng,feelleng le bodutu la dipukupuku;a mo sireletsa, a mo baballa,a mo hlokomela seka thaka ya leihlo.

11. Jwaloka ntsue phaphamisa madinyane a yona,e a okaokela,e thathalatsa mapheo,e hloibile madinyane a yona,e a jara ka mapheo a yona,

12. Morena a mo tataisa a le inotshi,a sa thuswe ke medimo e meng.

13. “A mo etsa mmusiwa phahama tsa lefatshe,a phela ka ho ja mabehwa-ke-naha;a mo momontshamahe a dinotshi a etswa lefikeng,a mo fa olee etswa fikeng la moralla;

14. sereledi ya eba sa serema sa kgomo,lebese ya eba le mafura la dinku,mafura ya eba a dikonyana,dipheleu le dipodiya eba tsa Bashane,koro ya eba e lefi le thata,a nwa lero la morara le lefubedu.

15. “Jakobo a ja, a kgora,Jeshurune a nona, a ba a penya,a lahla Modimo e le Mmopi wa hae,a nyedisa Fika le mo pholositse.

16. Ba mo phephetsaka medimo e meng,ba mo halefisaka manyala a medingwana.

17. Ba etsa mahlabelo,ba a etsetsa bademona,e seng Modimo,ba hlabela medimoeo ba sa kang ba e tseba,ba hlabela medimo e metjha,medimo eo bo-ntata bonaba sa kang ba e tshaba.

18. Ha le a tsotella Fika le le emotse,le lebetse Modimo,Mmopi wa lona.

19. “Morena a bona hona,mme a ba nyonya,a lahla bara le baradi ba hae.

20. <Ke tla ba patela fahleho sa ka,>ha rialo Morena,<ke bone na ba tla fella kae;ke moloko o kgelohileng,wa bana ba hlokang botshepehi.

21. Ba mphepheditseka hoo e seng Modimo,ba nkgalefisaka medimo ya mafeela;ke tla ba phephetsaka bao e seng setjhaba,ke ba halefiseka tjhaba se hloka kelello.

22. Kgalefo ya ka e tuka malakabe,e tlokomaho ya fihla Nqalong ya Bafu,e timetsa lefatshe le tsa lona,e tjhesa le metheo ya dithaba.

23. “ <Ke tla ba dihelabomadimabe hodimo,metsu ya seqha sa kae felle hodima bona.

24. Sekoboto, feberu le sewadi tla ba qeta,ke romele dibatana di ba harole,le mahloko a dihahabi tsa lefatshe.

25. Sabole e tla ja bana mabaleng,e timetse ngwana le moshanyana,lesea le leqheku ka ho tshwana,ka matlung teng ho buse tshabo.

26. Ke ne ke itse ke tla ba hasanya,bitso la bona le fediswe hara batho,

Dipolelo 32