Dipolelo 32:24-34 BIBELE (SSO89SO)

24. Sekoboto, feberu le sewadi tla ba qeta,ke romele dibatana di ba harole,le mahloko a dihahabi tsa lefatshe.

25. Sabole e tla ja bana mabaleng,e timetse ngwana le moshanyana,lesea le leqheku ka ho tshwana,ka matlung teng ho buse tshabo.

26. Ke ne ke itse ke tla ba hasanya,bitso la bona le fediswe hara batho,

27. hoja ha ke tswafe ho thabisa sera,sa tshoha se ithorisa,se re:Ke ka matsoho a ronare ba hlotseng,hase Morenaya entseng tsena tsohle.>

28. “Ke tjhaba se hlokang kelello,kutlwisiso ha e yo ho sona.

29. Ha se ne se le bohlale,se utlwisisa,se ne se tla lemohapheletso ya sona.

30. Motho a ka phaladisa seketea le inotshi?Ba babediba lelekisa di le leshome,Fika la bona le sa ba rekisa,Morena a sa neelana ka bona?

31. <Fika> la bonaha e ke Fika la rona,le dira tsa rona di ka re pakela.

32. Ke makala a morara wa Sodoma,a kgethutswe masimong a Gomora;morara wa yona o tletse mahloko,masihla a yona a a baba ha a jewe.

33. Veine ya teng ke tjhefo ya dihahabi,ke mahloko a bohale a bo-marabe.

34. “Na tsee ha di a bolokwasesiung sa ka,tsa bitiellwa letloleng la ka?

Dipolelo 32