Dipolelo 28:20-30 BIBELE (SSO89SO)

20. “Morena o tla o romela bomadimabe, le pherekano, le ho hloka katleho mesebetsing yohle eo o e etsang, ho fihlela o timela, o eshwa hanghang, ka baka la diketso tsa hao tse kgopo, tseo o mphuraletseng ka tsona.

21. “Morena o tla etsa hore lefu la sewa le o kgomarele, ho fihlela a o timetsa naheng eo o yang ho yona ho e hapa.

22. Morena o tla o otla ka lefuba, le ka feberu, le ka mokgohlane, le ka motjheso o kang wa mollo, le ka komello, le ka moya o batang, le ka hlobo. Tsena di tla o salama ho fihlela o eshwa.

23. Lehodimo le o okametseng le ke ke la nesa pula, mobu oo o tsamayang hodima wona o tla ba sengangata jwaloka tshepe.

24. Bakeng sa pula, Morena o tla tlisetsa naha ya heno lerole; le tla theohela ho wena le etswa lehodimong, ho fihlela o timela.

25. “Morena o tla etsa hore o hlolwe ke dira tsa hao. Ha o di futuhela o tla ya o tsamaya ka tsela e le nngwe, empa ha o di baleha o tla phasaphasa ka tsela tse ngata. O tla ba mmutladintjeng ho mebuso yohle ya lefatshe.

26. Setopo sa hao se tla jewa ke matlaka, le dibatana tsa naha, mme ha ho motho ya tla di tshosa.

27. “Morena o tla o otla ka mathopa jwaloka Baegepeta, le ka dihlahala, le ka lekgwekgwe, le ka lekgopho, mme tsena di ke ke tsa phekolwa.

28. Morena o tla o otla ka bohlanya, le ka bofofu, le ka pherekano.

29. O tla phopholetsa e le motsheare, jwalokaha sefofo se phopholetsa lefifing, mme ha ho letho leo o tla atleha ho lona. O tla hatellwa, o amohuwe tsa hao kamehla, empa ha ho ya tla o namolela.

30. “O tla nyala mosadi, empa o tla robalwa ke monna e mong. O tla haha matlo, empa o ke ke wa phela ka ho wona. O tla lema dirapa tsa morara, empa o ke ke wa ja ditholwana tsa tsona.

Dipolelo 28