Dipolelo 28:13-22 BIBELE (SSO89SO)

13. Morena o tla o etsa hlooho, e seng mohatla. O tla ba kahodimo, o ke ke wa ba katlase, haeba o mamela melao ya Morena Modimo wa hao, eo ke o laelang yona kajeno, hore o e hlokomele, mme le e phethe.

14. O se ke wa kgeloha lentswe leha le le leng la mantswe ao ke o laelang wona kajeno. O se ke wa kgelohela ka ho le letona kapa ka ho le letshehadi, wa latela medimo e meng, wa e sebeletsa.

15. “Empa haeba o sa mamele lentswe la Morena Modimo wa hao, o sa hlokomele ho phetha melao yohle ya hae, le ditaelo tsohle tsa hae, tseo ke o laelang tsona kajeno, dithahako tsena tsohle di tla ba hodima hao, di o kgomarele.

16. “O tla rohakeha motseng,o rohakehe le masimong!

17. “Seroto sa hao se tla rohakeha,le sejana sa hao sa ho dubela hlama!

18. “Bana ba hao ba tla rohakeha,le ditholwana tsa naha ya heno,le manamane a dikgomo tsa hao,le tswala ya mehlape ya hao!

19. “O tla rohakeha ha o kena,o rohakehe ha o etswa!

20. “Morena o tla o romela bomadimabe, le pherekano, le ho hloka katleho mesebetsing yohle eo o e etsang, ho fihlela o timela, o eshwa hanghang, ka baka la diketso tsa hao tse kgopo, tseo o mphuraletseng ka tsona.

21. “Morena o tla etsa hore lefu la sewa le o kgomarele, ho fihlela a o timetsa naheng eo o yang ho yona ho e hapa.

22. Morena o tla o otla ka lefuba, le ka feberu, le ka mokgohlane, le ka motjheso o kang wa mollo, le ka komello, le ka moya o batang, le ka hlobo. Tsena di tla o salama ho fihlela o eshwa.

Dipolelo 28