Dipolelo 26:5-13 BIBELE (SSO89SO)

5. Jwale wena o tla bua o le kapele ho Morena Modimo wa hao, o re: <Ntate e ne e le Moarame wa moleleri, a theohela Egepeta, a jaka teng le batho ba mmalwana. Empa ha a se a le moo ya eba setjhaba se seholo, se matla, se sengata.

6. Baegepeta ba re tshwara hampe, ba re hlorisa, ba re sebedisa ka thata.

7. Yaba re llela Morena Modimo wa bo-ntata rona, mme Morena a utlwa sello sa rona, a bona matshwenyeho a rona, le mosebetsi wa rona o boima, le kgatello ya rona.

8. Morena a re ntsha naheng ya Egepeta ka matla a hae a maholo, le ka letsoho le otlolohileng, le ka ditshoso tse kgolo, le ka dipontsho, le ka mehlolo.

9. A re tlisa sebakeng sena, a re nea naha ena, e leng naha e phallang lebese le mahe a dinotshi.

10. Jwale bona, ke tlisitse dilopotsiya tse tswang mobung oo o nneileng wona, Morena.> O tla di bea fatshe, kapele ho Morena Modimo wa hao, o mo kgumamele.

11. Wena, le ba lelapa la hao, le Molevi, le mojaki ya teng hara lona, le tla ithabisa ka tsena tsohle tse molemo, tseo Morena Modimo wa hao, a o neileng tsona.

12. “Ka selemo sa boraro, e leng selemo sa ho ntsha karolo e le nngwe ho tse leshome, ha o qetile ho ntsha dikarolo tseo tsohle tsa tse leshome tsa kotulo ya hao, o di nee Molevi, le mojaki, le kgutsana, le mohlolohadi, hore le bona ba tle ba je, ba kgore, ba le setjhabeng sa heno.

13. O tla bua o le kapele ho Morena Modimo wa hao, o re: <Ke ntshitse dintho tse halalelang ka tlung, ke bile ke di neile Molevi, le mojaki, le kgutsana, le mohlolohadi, ho ya ka molao wohle wa hao, oo o ntaetseng wona. Ha ke a kgeloha melao ya hao, mme ha ke a e lebala.

Dipolelo 26