Dipolelo 22:5-11 BIBELE (SSO89SO)

5. “Mosadi a se ke a apara seaparo sa banna, le monna a se ke a apara seaparo sa basadi, hobane e mong le e mong ya etsang dintho tsena ke manyala ho Morena Modimo wa hao.

6. “Haekare o ntse o tsamaya tseleng wa tholla nonyana hodima sefate sefe kapa sefe, kapa fatshe, e ena le madinyane kapa mahe, mme nonyana eo e fuame madinyane kapa e alame mahe, o se ke wa ntshetsa nonyana eo le madinyane a yona.

7. Ruri eka kgona o tlohele nonyana e fofe, empa madinyane wona o ka a ntshetsa, e le hore o tle o atlehe, mme o phele halelele.

8. “Ha o haha ntlo e ntjha, dintshing tsa marulelo a yona a sepapetlwa o hahe motero o a potapotang, e le hore ntlo ya hao e se ke ya ba le molato wa ho tsholoha ha madi, haeba motho a ka wa a le hodima yona.

9. “O se ke wa jala mefuta e mmedi ya dipeo tshimong ya hao ya morara, esere kotulo yohle ya seo o se jetseng, le ditholwana tsohle tsa morara, tsa o phonyoha.

10. “O se ke wa lema ka pholo o e panne le tonki.

11. “O se ke wa apara seaparo se lohilweng ka boya le sa lesela la lene.

Dipolelo 22