10. “O se ke wa lema ka pholo o e panne le tonki.
11. “O se ke wa apara seaparo se lohilweng ka boya le sa lesela la lene.
12. “O iketsetse ditjellane diqoleng tse nne tsa seaparo sa hao, seo o itshophang ka sona.
13. “Ha monna a nyala mosadi, mme ere hoba a robale le yena a utlwe a se a mo tenne;
14. ebe o mo qosa ka tseo e seng nnete, o mmua hampe, o re: <Ke ile ka nyala mosadi enwa, empa ha ke qala ho robala le yena ke ile ka fumana e se e se morwetsana;>
15. ntatae le mmae ba tla hlahisa kapele ho baholo bopaki ba hore ke morwetsana, ba le kgorong ya motse.
16. Ntata morwetsana o tla re ho baholo: <Ke ile ka nea monna enwa moradi wa ka hore a mo nyale, empa o se a mo tenne.
17. Jwale o mo qosa ka seo e seng nnete, o re: Ke fumane moradi wa hao e se e se morwetsana. Empa bopaki ba hore moradi wa ka ke morwetsana ke bona!> Ba tla ala lesela kapele ho baholo ba motse.
18. Jwale baholo ba motse ba tla tshwara monna eo, ba mo shape;
19. ba be ba mo lefise silefera e ka etsang boima ba kilo e le nngwe ba e nee ntata morwetsana, hobane monna eo o sentse morwetsana wa Iseraele lebitso. Leha ho le jwalo, e tla nne e be mosadi wa hae, mme ha monna eo a ntse a phela a ke ke a hlala mosadi eo.
20. “Empa haeba qoso ena e le ya nnete, ho sa fumanwe bopaki ba hore ngwanana eo ke morwetsana,
21. ngwanana eo o tla iswa monyakong wa ntlo yabo ebe banna ba motse wa habo ba mo tlepeletsa teng ka majwe, a be a shwe, hobane o sitetswe Iseraele ka ho etsa bohlola a ntse a le lapeng labo. Ka mokgwa ona, o tla fedisa bokgopo kahara lona.