Dipolelo 22:1-6 BIBELE (SSO89SO)

1. “E se ke yare ha o bona pholo ya motho e mong, kapa nku ya hae e lahleha, yaba o iphapanyetsa yona. Ruri eka kgona o e kgutlisetse ho yena.

2. Empa haeba motho eo a se haufi le wena, kapa o sa tsebe hore na ke mang, o tla e isa sakeng la hao, e be moo ho wena ho fihlela motho eo a e batla, mme ebe o e kgutlisetsa ho yena.

3. O tla etsa jwalo le ka tonki ya hae, o etse jwalo le ka seaparo sa hae, mme o tla etsa jwalo le ka dintho tsohle tse lahlehetseng motho e mong, tseo o di fumanang. O se ke wa iphapanyetsa tsona.

4. “E se ke yare ha o bona tonki ya motho e mong, kapa pholo ya hae e bothisitse pela tsela, yaba o iphapanyetsa yona. Ruri eka kgona o mo thuse ho e tsosa.

5. “Mosadi a se ke a apara seaparo sa banna, le monna a se ke a apara seaparo sa basadi, hobane e mong le e mong ya etsang dintho tsena ke manyala ho Morena Modimo wa hao.

6. “Haekare o ntse o tsamaya tseleng wa tholla nonyana hodima sefate sefe kapa sefe, kapa fatshe, e ena le madinyane kapa mahe, mme nonyana eo e fuame madinyane kapa e alame mahe, o se ke wa ntshetsa nonyana eo le madinyane a yona.

Dipolelo 22