Dipolelo 17:4-14 BIBELE (SSO89SO)

4. ha lona le bolellwa, mme le utlwa taba ena, le e batlisise ka hloko. Haeba e le nnete, mme manyala a jwalo a entswe naheng ya Iseraele,

5. monna eo, kapa mosadi eo ya entseng ntho eo e manyala, a ntshetswe kantle ho motse, le mo tlepetse ka majwe, a be a shwe.

6. Ka bopaki ba dipaki tse pedi, kapa tse tharo, eo ya lokelang ho shwa a bolawe, empa ka bopaki ba paki e le nngwe, a ke ke a bolawa.

7. Dipaki e be tsona tse qalang ho mo tlepetsa ka majwe, ho ntano latela setjhaba. Le tlose bobe bona hara lona.

8. “Haeba taba e ahlolwang e o imela, e ka ba taba ya polao, kapa ya tsekisano, kapa ya ho ntshana dikotsi, kapa taba efe le efe ya ho se utlwane kahara metse ya lona, o tsamaye, o ye sebakeng seo Morena Modimo wa lona, a tla se kgetha.

9. Ha o fihla ho baprista, e leng Balevi, le ho moahlodi ya teng ka nako eo, o botse, mme bona ba tla o bolella kamoo nyewe e ka ahlolwang kateng.

10. Wena o tle o latele kahlolo eo ba tla o bolella yona, ba le sebakeng seo Morena a tla se kgetha, mme wena o hlokomele ho etsa kamoo ba tla o laela kateng.

11. Ho ya ka Molao oo ba tla o bolella wona, le ho ya ka kahlolo eo ba tla o bolella yona, wena o etse jwalo. O se ke wa ba wa kgeloha kahlolo eo ba tla o bolella yona.

12. Motho ya ikgohomosang, ya sa mameleng moprista ya sebeletsang kapele ho Morena, kapa ya sa mameleng moahlodi, ya jwalo o tla bolawa. Le tla tlosa bobe jwalo setjhabeng sa Iseraele.

13. Setjhaba sohle se tla utlwa taba ena, se tshabe, mme se se ke sa hlola se ikgohomosa.

14. “Ha le fihla naheng eo Morena Modimo wa lona, a le neang yona, e se e le ya lona, le se le ahile ho yona, mme le re: <Re tla ikgethela kgosi jwaloka ditjhaba tsohle tse re potapotileng;>

Dipolelo 17