Dipolelo 16:19-22 BIBELE (SSO89SO)

19. Le se ke le sotha kahlolo; le se ke la ba leeme; le se ke la amohela tjotjo, hobane tjotjo e foufatsa mahlo a ba bohlale, mme e sotha dipolelo tsa ba lokileng.

20. Le pheelle toka, toka feela, hore le tle le phele, mme naha eo Morena Modimo wa lona, a le neang yona, e tle e be ya lona.

21. “Le se ke la iketsetsa ditshwantsho tsa Ashera pela aletare ya Morena Modimo wa lona.

22. Le se ke la iketsetsa sefika seo le se kgumamelang, e leng ntho eo Morena Modimo wa lona, a e hloileng.

Dipolelo 16