Dipolelo 16:17-22 BIBELE (SSO89SO)

17. Monna e mong le e mong a fane ho ya kamoo a filweng kateng, le ho ya kamoo Morena Modimo wa lona, a mo hlohonolofaditseng kateng.

18. “Metseng yohle, eo Morena Modimo wa lona, a le neang yona, le kgethe baahlodi le baokamedi ka ho ya ka merabe ya lona. Ba ahlolele setjhaba ka toka.

19. Le se ke le sotha kahlolo; le se ke la ba leeme; le se ke la amohela tjotjo, hobane tjotjo e foufatsa mahlo a ba bohlale, mme e sotha dipolelo tsa ba lokileng.

20. Le pheelle toka, toka feela, hore le tle le phele, mme naha eo Morena Modimo wa lona, a le neang yona, e tle e be ya lona.

21. “Le se ke la iketsetsa ditshwantsho tsa Ashera pela aletare ya Morena Modimo wa lona.

22. Le se ke la iketsetsa sefika seo le se kgumamelang, e leng ntho eo Morena Modimo wa lona, a e hloileng.

Dipolelo 16