Dipolelo 14:1-7 BIBELE (SSO89SO)

1. “Lona le bana ba Morena Modimo wa lona. Le se ke la iphatsa, kapa la ipeola diphatleng ha le llela bafu.

2. Le setjhaba se halalelang sa Morena Modimo wa lona. Morena o le kgethile hara ditjhaba tsohle tse teng lefatsheng, hore le be setjhaba sa hae.

3. “Le se ke la ja letho le manyala.

4. Tsena ke diphoofolo tseo le ka di jang: kgomo, le nku, le podi,

5. kgama, le tshephe, le letsa, le podiyathaba, le hlwaele, le tholo, le phuthi.

6. Hara diphoofolo tsohle, tse nang le tlhako e arohaneng, e nang le dikgolana tse pedi, e thuisang, tsena le ka di ja.

7. Ha e le tse thuisang feela, kapa tse nang le dikgolana feela empa di sa thuise, tsona le se ke la di ja. Tsena ke kamele, le mmutla, le pela. Kahobane di a thuisa, empa ha di na dikgolana, ho lona ha di a hlweka.

Dipolelo 14